HO PHELA HANTLE BOPHELONG BOHLE BA HAO
BOPHELO BA HAO BO MATSOHONG A HAO
Ho na le mafu a mangata ao re a fumanang ho tswa batswading ba rona le ho bonkgono le bontatemoholo. Ho honyenyane haholo, kapa ha ho na letho leo re ka le etsang ho thibela mafu ana.
Le ha ho le jwalo, ho na le mafu a mang ao re a fumanang ka lebaka la ka moo re phelang ka teng.
Ha re:
sa je dijo tse lokileng sa kgathalle mmele ya rona re ka tshwarwa ke mafu ana.
Mafu ana a bitswa mafu a ka moo re phelang ka teng.
Bukana ena e fana ka tlhahisoleseding ka dintho tse ding tseo o ka di etsang ho thibela mafu ana.
Hopola, ke mmele wa hao. Bophelo ba ha bo matsohong a hao. Ka lebaka leo, itlhokomele.
Bukana ena e mabapi le Ke kgetha ho se tsube ke e nngwe ya letoto la dibukana.
Dibukana tse ding tse letotong ke tsena:
Ho boloka meno le molomo wa hao o hlwekile
Ho dula o ikwetlisa hore o phele hantle
Ho nwa hantle
Ho itshwara hantle ka thobalano
Ho ja hantle
Ho itlhokomela
Ha a ne a ka kgaotsa ho tsuba!
Ho tsuba ha ho a o lokela?
Kgale ke tsuba, mme ho fihlela ha jwale ha ho letho le nketsahaletseng!
Bona, Dudu?ke bophelo ba ka, mme ke na le tokelo ya ho tsuba ka moo ke ratang ka teng!
Ho lokile! Hopola hore Ngaka Zondi, ngaka e tsebahalang haholo, e re bongata ba batho ba tlang sepetlele ho tla alashwa ke batho ba tshwerweng ke lefu le bakilweng ke ho tsuba.
Tshenyo eo mosi wa kwae o e etsang e etsahala ka hare mmeleng wa hao?letsatsing le leng le le leng e tshwaetsa pelo ya hao, matshwafo, methapo ya madi le dikarolo tse ding tsa mmele?qetellong e senya bophelo ba hao?selemong se seng le se seng e bolaya dimiliyone tsa batho hohle lefatsheng!
Feela, tjhe, re tlamehile ho shwa kaofela neng kapa neng?nka mpa ka shwa ke bolawa ke seo ke se ratang.
O se ke wa lebala hore mosi wa kwae ya hao o hengwa ke bohle ba haufi le wena?mme ebe ba tshwarwa ke lefu le tshwanang le la batho ba tsubang.
Mme hopola hore ka mehla ha o tjhesa sakarete?o ka nna wa se ke wa shwa ka pele?ho tsuba ho ka nna ha o bakela mafu a mabe a kang setorouku?mme wa phela dilemo tse ngata o sotleha o dutse hwilitjhereng kapa o ka shwa butle ka baka la lefu la matshwafo?a ko inahane?kgaotsa hona jwale?pele nako e feta!
Motho ya tsubang a ka nna a ba le bophelo bo bottle ha a ka kgaotsa ho tsuba.
Ka mora selemo se le seng ba kgaoditse ho tsuba, ha ho bonolo hore ba ka tshwarwa ke boronkhaetisi. Ka mora dilemo tse leshome ba se ba le matla jwalo ka batho ba so kang ba tsuba ho hang feela.
Disakarete le kwae ke motswako wa dintho tse kotsi tse jwalo ka khabonomonokesaete le bokwadi. Dintho tsena di qhwadisa batho ba tsubang.
Mosi wa kwae le ona o qhwadisa batho ba o hemang. Ha o le haufi le motho ya tsubang, o senya bophelo ba hao le ba hae.
Hobaneng ha ho tsuba ho sa o lokela
Kwae e kotsi bophelong ba hao, hobane e na le ditjhefu tse ka hodimo ho 200. Ditjhefu tsena di senya matshwafo a hao. Ha o ntse o tsuba, o ntse o senyeha le ho feta. Ditjhefu tsena di ka etsa hore o tshwarwe ke lefu la pelo le kankere. Ke ena e meng ya mehlala ya ditjhefu tse teng kwaeng:
Khabonemonokesaete ke tjhefu e thibelang madi a hao hore a se ke a isa okosejene hohle mmeleng wa hao. Ka ntle ho okosejene o ke ke wa phela.
Bokwadi ke tjhefu e bakang kankere.
Ha motho e mong a tsuba feela disakarete tse mmalwa ka letsatsi, na a ka kula?
Sakarete feela se le seng ka letsatsi se kotsi. O se ke wa qalella ho tsuba! Ho qhwala ha mmele ho qala ha o qala ho tsuba. O ka bonahala o phetse hantle ka dilemo tse ngata pele ho bonahala matshwao a ho kula.
Na ho kotsi ho hema mosi o tswang disakareteng tsa batho ba bang?
Ee, o ka tshwaetswa ke mafu a mangata ha o dula kapa o sebetsa le motho ya tsubang. Lebaka ke hobane o hema mosi o bakwang ke yena letsatsi le leng le le leng.
Masea ao batswadi ba bona ba tsubang ba ba le lefu le lebe haholo la sefuba, jwalo ka boronkhaetisi le nyumonia, ho e na le masea ao batswadi ba bona ba sa tsubeng.
O na le tokelo ya ho hema moya o hlwekileng! Batho ba tsubang ba hlomphe ditokelo tsa hao.
Bongata ba batho ba tsubang bo hana ho kgaotsa ho tsuba hobane ha ba tsebe ka moo ho tsuba ho tshwaetsang bophelo ba bona ka teng. Ha re bueng ka a mang a mafu ana.
Ho tsuba ho baka mafu a mangata a fapaneng. A mabe haholo ke lefu la matshwafo, kankere, lefu la pelo le setorouku.
Lefu la matshwafo
Batho ba tshwerweng ke lefu la matshwafo ba ka kula ka dilemo tse ngata ba hohlola le ho ba le bothata ba ho hema.
Kankere
Bongata ba dikankere tse jwalo ka tsa matshwafo di bakwa ke kwae. Ha ho na pheko ya kankere ya matshwafo.
Ho tsuba ho ka nna ha baka kankere ya dikarolo tse ding tsa mmele tse jwalo ka lebokose la moya, qoqotho, senya, leleme, jj.
Lefu la pelo le setorouku
Madi a mmeleng ya rona a tsamaiswa (potoloha) ka hara ditjhupu tse bitswang methapo ya madi.
Ho tsuba ho baka hore methapo ena ya madi e be mesesanyane. Hona ho qetella ho thiba ho phalla ha madi, mme ho eba kotsi haholo. Ha madi a sa phallele karolong e itseng ya mmele wa hao, karolo eo e ka senyeha. Ke se etsahalang ha motho a eba le setorouku kapa tlhaselo ya pelo. Batho ba bangata ba bolawa ke mafu ana.
Ha ba ka ba a phema, ba ye ba holofale (mmele e hlolehe ho sutha) ka mora setorouku. Ho ye ho hlokahale hore ba kgaolwe leoto ka mora hore ba be le thibelo ya madi leotong.
Ho fokola ha bophelo bo botle ka kakaretso
Batho ba tsubang ba kula kgafetsa ho feta ba sa tsubeng. Ba nka nako e ngata ba sa ye mosebetsing mme ba kenwa ke mafu a akaretsang haholo ho feta bao ba sa tsubeng.
BANA LE HO TSUBA
Bana ba bangata ba sa leng batjha ba utlwa kapa ba bona dipapatso tsa ho tsuba e be ba batla ho leka ntho eo. Ka dinako tse ding metswalle ya bona e se e qadile ho tsuba e be e ba kgothaletsa hore le bona ba qale ho etsa jwalo. Hangata batjha ba tsubang ba nahana hore ba hola ka pele hape e be batho ba tummeng ha ba tsuba.
E re ?tjhe? ho tsubeng
O na le matshwafo a matla, a phetseng hantle ? o se ke wa dumella ho tsuba hore ho a senye
Ha o sa tsube, o ke ke wa ba le meno a nang le matheba, moya o nkgang hampe kapa letlalo le lebe tla sebetsa hantle dipapading tla ithuta ha bonolo tla phela bophelo bo botle tla ba motle
O SE KE WA TSUBA KA NAKO EO O LENG MOIMANA
O SE KE WA TSUBELA HAUFI LOE BANA
Na ho tla etsahala eng ka ngwana wa hao ha o tsuba ka nako eo o leng moimana?
Tjhefu tse ngata tse hlahang kwaeng di kena leseeng le eso ka le belehwa ka madi a mma lona. Hape ngwana a ke ke a fumana okosejene e lekaneng le phepo e ntle ho tswa mading ao hore a kgone ho hola hantle. Ke ka hoo ho tsuba ho leng kotsi leseeng le eso ka le belehwa.
Ho na le mathata a mang hape ?
Bana ba belehwang ke bomme ba tsubang ka nako eo ba le baimana hangata ba belehwa ba le banyenyane ho feta bana ba bang. Hape ba ba le monyetla o mongata wa ho kula kapa ho holofala.
Ho na le monyetla o mongata wa hore ngwana wa hao a hlokahale nakong eo a belehwang ka yona ha o tsuba nakong eo o leng moimana.
Ha o sa tsube disakarete kapa peipi mme o sa hlafune kwae kapa ho nka seneifi:
o tla hema ha bonolo haholo o ke ke wa ba le meno a nang le matheba kapa menwana e nang le matheba letlalo la hao le tla ba boreledi mme le shebehe hantle o tla ba le moya o hlwekileng o tla ba le bana ba phetseng hantle ho feta basadi ba tsubang o ke ke wa senya tjhelete ka baka la ditlwaelo tse mpe o tla thusa bana ba hao hore ba dule ba phetse hantle, hobane o ke ke wa etsa hore ba heme moya o bodileng o nang le mosi o tla ba mohlala o motle baneng o tla dula o phetse hantle ho feta batho ba tsubang
NO! ? TJHE!
O batla ho boloka bana ba hao ba bolokehile dikotsing tsa ho tsuba. Ena ke e meng ya mehopolo e ka thusang bana ba hao hore ba etse diqeto tse ntle ka bophelo ba bona.
Mosebetsi wa 1:
Ho etsa qeto tse ntle
Ena ke ntho eo o ka e etsang ka ngwana wa hao lapeng. Titjhere wa pre-school kapa keretjhe le yena a ka sebedisa mosebetsi ona le sehlopha sa bana.
Mosebetsi ona o thusa bana hore ba fumane dintho tse loketseng bophelo ba bona le dintho tse ka bakang tshenyo bophelong ba bona. Bana ba ithuta hantle ha ba iketlile ba natefelwa, ka hoo o ka ba neha dintlha tsa bohlokwa ka nako ya mosebetsi ona.
Selelekela
Kopa ngwana wa hao hore a nahane ka hore ke dife dintho tse mo loketseng mme ke dife tse sa mo lokelang. Le ka sebedisa phoustara ena ho qala puisano ya lona.
Ha o na le dimakasine tsa kgale, kopa ngwana wa hao hore a di shebe e be o seha ditshwantsho tseo a nahanang hore ke tsa dintho tse ntle, le tsa dintho tseo a nahanang hore ke tse mpe, ho yena. Kgomaretsa ditshwantsho tseo pampitshaneng e kgolwanyane e be o pepesa tjhate leboteng hore bohle ba lelapa ba bone seo a se entseng.
NTLHA YA BOHLOKWA
Mosebetsi ona o lokela ho natefela ngwana wa hao. O se ke wa tletleba haebe o kgethile ntho eo wena o nahanang hore e mpe ho yena. Ha a kgetha ntho eo wena o nahanang hore e fosahetse, buisana le yena hore a tle a ithute ho tswa ho wena hore ke eng e ka tlisang bophelo bo botle ho yena le hore ke eng e ka etsang hore a kule. Mmotse hore ke ka baka lang a kgethileng hoo?
Mosebetsi wa 2:
HO TIMA DIKERESE
Ona ke mosebetsi oo matitjhere a o sebedisang le bana ba leng Kereiting ya 1,3 kapa 3. Etsa bonnete ba hore bana ba hao ba ba le motho ya ba hlokometseng ha ba etsa mosebetsi ona. O se ke wa ba siya ba le bang ka kerese e tukang kapa dithutswana tsa mollo.
Seo o tla se hloka:
dikerese tsa kgale sesebediswa sa ho tshwara kerese (sebedisa kotikoti e se nang letho e be o tshela halofo ya lehlabathe)
dikotwana tse pedi tsa karata e ka etsang 20 x 15 cm ka nngwe
Karolo ya 1
Ho se seng sa dikotwana tsa karata, phunya lesoba mahareng mme lona le be boholo ba tjhelete ya tshepe ya R2. Sekotwaneng se seng teng phunya lesoba le ka bang boholo ba nalete.
Kopa bana hore ba ho potolohe.
Bolella bana hore ba tshware moya mme ba se ke ba hema, e re ha ba ntse ba etsa jwalo ba phahamise matsoho a bona butle.
Phetang hona ka makgetlo a mararo. Jwale buang ka hore na ba ne ba ikutlwa jwang ha ba tlatsa moya ka matshwafong a bona. Ba kope hore ba etse hoo hape mme ba utlwe ha moya o kena ka mmeleng ya bona ka sebele. Bua le bona ka mokgwa oo moya o etsang hore mmele ya rona e tsamaye ka teng le ka moo matshwafo a re thusang ho hema ka teng. E be o kopa bana hore ba tlole ha nyenyane ha 10, ba latela ka ho tlolatlola ka leoto le le leng hahlano, e be ba tlolatlola hape le ka leoto le leng ha hlano. E be o emisa bana mme o ba botse hore na ba phefumoloha jwang ? na phefumoloho ya bona e potlakile ha nyenyane ho ena le ha ba ne ba eme ba sa etse letho?
Buang ka ka moo boikwetliso bo ka fetolang tsela eo o phefumolohang ka yona. Boikwetliso bo re loketse mme bo re boloka re phetse hantle.
Bolella bana ka moo ho phefumoloha ho fetohang ka teng ha batho ba tsuba hobane nako le nako mosi o kena ka matshwafong a bona e be o a tswa hape, mme o mong wa mosi o sala. Mosi oo o setseng butlebutle o thiba matshwafo mme a qetella a sa sebetse hantle jwalo ka ha a ne a hlwekile a se na mosi ka hara ona.
Buang ka ka moo ho tsuba ho fetolang tsela eo batho ba phefumolohang ka yona le ka moo hona ho seng hotle ka teng, le ka moo hore kudisang ka teng.
Ba bolelle hape le ka moo le bona ba amehang ka teng ka ho hema mosi o tswang sakareteng tsa batho ba bang.
Karolo ya 2
Jwale le ka tshwantsha seo le neng le bua ka sona. O ka etsa hoo pele e be o hlokomela bana ha ba ntse ba leka ho etsa le bona. O se ke wa ba siya ba le bang ka kerese e tukang kapa dithutswana tsa mollo. Beha karata e nang le lesoba le lenyenyane ka pela kerese e ka kotikoting.
Butswela lesobeng lena mme o tla bona hore ho boima jwang ho tima kerese. Bapisa hona le ho ba le matshwafo a thibaneng a kwetsweng ke mosi wa kgale o bokellaneng.
Jwale beha karata e nang le lesoba le leholo ka pela kerese.
Butswela lesobeng lena mme o tla bona ka moo ho leng bonolo ho tima kerese. Bapisa hona le ho ba le matshwafo a hlakileng a nang le matla a mangata a ho etsa hore a sebetse hantle.
Mosebetsi wa 3:
HO SEBEDISA TJHELETE KA BOHLALE
Ona ke mosebetsi wa bana ba leng Kereiting ya 4 le ya 5.
Batla pampitshana e nang le maqhepe a mabedi ya papatso ho tswa lebenkeleng la heno kapa o sebedise dikoranta le dimakasine tsa kgale. Seha ditshwantsho tsa dintho tse jwalo ka pakana ya sakarete le lebokose la dithutswana tsa mollo ekasitana le dintho tse ding tse jwalo ka dipompong, dipene, dikausi, dibuka, jj. Kapa sebedisa ditshwantsho tseo o di takileng.
Beha ditshwantsho tsena hodima pampitshana e kgolwanyane e be o beha ditheko haufi le tsona.
Kopa bana hore ba nke e ka ba na le R15 eo ba tla e sebedisa ho reka. Ba botse hore na ba ka reka eng. Ke dife tsa dintho tse tjhateng, tseo ba nahanang hore ho bohlokwa hore ba be le tsona?
Ha bana bohle ba se ba entse qeto, e re ba buisane ka kgetho tsa bona.
Hopola, ha ho na karabo e nepahetseng mme hape ha ho na le e fosahetseng. EMPA ha ba kgethile disakarete le dithutswana tsa mollo moo o ka buisana le bona mme o ba bolelle ka moo tseo di leng theko e hodimo ka teng. O ka ba bontsha hape le dintho tse ding tse ngata tseo ba ka beng ba di rekile tse ka nkang nako e telele kapa tsa ba molemo ho bona.
Mosebetsi ona ke tsela ya ho etsa hore bana ba nahane ka dintho tseo ba di batlang le dintho tseo ba di hlokang ka sebele. Hape ke tsela ya ho buisana ka dikotsi tsa ho tsuba ntle le ho ba ruta ? puisano e tla etseha feela ka mokgwa wa tlhaho. O tla kgona ho fetisetsa dintho baneng ha bonolo ha ba iketlile mme ba natefelwa, ho ena le ho ba halefisa kapa ho ba bakela bodutu.
Ena ke mehlala ya mefuta ya dintho tseo o ka di tshwantshang kapa wa di seha dikoranteng kapa dimakasineng.
Ke bolelletse bana ba ka ka moo ho leng kotsi ka teng ho tsuba. Dibekeng tse fetileng tse mmalwa ke lemohile hore mora wa ka e monyenyane o nkga sakarete. Yena o itse metswalle ya hae yohle e ya tsuba, mme ha a batle ho sala a le mong a sa tsube.
Ke kopa hore o nthuse. Ha ke batle hore ngwana wa ka a kule.
Motswadi ya tshwenyehileng
Motswadi ya Ratehang
O tshwanetse ho tshwenyeha ka mora wa hao ya tsubang. Ha a qala ho tsuba a sa le monyenyane jwalo, ho ka kgoneha hore ha a se a le dilemo tse mashome a mararo, a kenwe ke mafu a bakwang ke ho tsuba a jwalo ka lefu al matshwafo, lefu la pelo le kankere.
Dintho tse tharo tseo o ka di etsang ho thusa mora wa hao hore a dule a phetse hantle ke tsena:
Mo thuse hore a be matla hore a kgone ho re ?tjhe? disakareteng le ha metswalle ya hae e tsuba. O ka etsa hona ka ho netefatsa hore o utlwisisa dikotsi tsa ho tsuba ka ho bua le yena le ho mmontsha bukana ena.
Bolella mora wa hao hore ho lokile ho fapana le ba bang. Ha metswalle e phehelletse ho tsuba, mora wa hao o lokela ho dumellana le bona hore motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ipehela maemo a amohelehileng, le teng hona a ho etsa ka kgetha dintho a ena le tsebo, mme hoo ke ntho e lokelwang ho hlomphuwa.
Ke tlolo ya molao ho rekisetsa bana ba ka tlase ho dilemo tse 16 disakarete. Etsa bonnete ba hore beng ba mabenkele ba sebakeng sa lona ha ba rekisetse bana ba banyenyane disakarete.
Mahlohonolo,
Ke na le motswalle eo e seng e le kgale a tsuba. O ne a kgohlola hampe haholo, mme ngaka e itse a emise ho tsuba ho seng jwalo o tla kula haholo a be a qetelle a shwele ka baka la kankere. Motswalle wa ka o tshwenyehile haholo hobane o bona hore a ke ke a kgona ho tlohela ho tsuba. Ke rata ho mo thusa hore e kgone ho tlohela ho tsuba. Na o na le mehopolo e itseng e ka thusang?
Motho ya sa tsubeng ya ratehang
Motswalle wa hao o se a tseba hore ke ka baka lang a lokelang ho tlohela ho tsuba. Ngaka ya hae e ile ya mo lemosa ka dikotsi tsa teng mme yena o nketse hoo hodimo haholo. Hona ke hwa bohlokwa hobane ha o sa lokela ho mo kgodisa ho emisa ho tsuba, o entse qeto ya hae mme o na le tshusumetso. Empa o tla nne a hloke tshehetso ya hao ho etsa bonnete ba hore ha a qale hape.
Mo kgothaletse hore a leke mehopolo ena e latelang:
Hore a bue phatlalatsa hore o ikemiseditse ho tlohela ho tsuba e be o fumana thuso ya bao a sebetsang le bona, ba lelapa le metswalle e ka tshehetsang ya ba ya mo kgothatsa.
Ha a se a tlohetse ho tsuba ka botlalo, ha ho a tshwanela ho ba le disakarete haufi le yena, hobane a ka lekeha ya ba o batla ho tsuba e le nngwe.
O lokela ho fumana sejo se ahang mmele seo a ka se jang, jwalo ka tholwana kapa ntho e itseng eo a ka e etsang haholoholo ha a ikutlwa a lakatsa ho tsuba. Mo kope hore a bue le motho e mong, a shebe lenaneo le qabolang thelevisheneng, kapa a bale buka e qabolang, e le hore a tle a tlose kelello ya hae tabeng eo ya ho tsuba.
Jwalo ka motswalle, tswela pele ho mo kgothatsa ka ho mo tlotla ha a hlotse moleko wa ho tsuba.
Lekola hore o ithutile ho le ho kae ka ho bala bukana ena. Etsa malepa ana e be o bapisa dikarabo tsa hao le tseo ho fanweng ka tsona tlase leqepheng lena.
Mehlala
Ho tloha ka ho le letshehadi ho ya ho le letona
Ho tsuba ... ho ka lematsa matshwafo a hao ka mokgwa o tshwanang le wa ho tsuba kwae.
Ha o tsuba meno a hao a tla ba le ...
Ho tsuba ... ho bolaya batho ba bangata jwalo feela ka AIDS, jwala, dithethefatsi le dikotsi tsa tseleng.
... ke tjhefo e kwaeng e bakang kankere.
E re ... ho tsubeng.
Batho ba bang ba tsubang ba ... maoto ha phallo ya madi e thibane.
Ho ya tlase:
Ho ba ... la ho tsuba ho bolela mmele wa hao ha o kgone ho phela ntle le nikotine kapa bokwadi ba kwae.
Ha o se o le lekgoba la kwae mmele le ... ha di iketle ntle le dithethefatsi.
Mafu a mang a ... a bakwa ke ho tsuba.
Mosi wa kwae ke motswako wa khabonemonokesaete, ... le bokwadi.
Batho ba neng ba tsuba mme ba se ba tlohetse ho tsuba nakong ya dilemo tse leshome ba ba ... jwalo ka ha e ka ha ba ka ba tsuba.
E ba ... , o se ke wa sebedisa tjhelete ya hao disakareteng.
Dikarabo:
Ho tloha ka ho le letshehadi o ya ka ho le letona:
? matekwane; 6 ? matheba; 7 ? sakarete; 8 ? bokwadi; 9 ? tjhe; 11 - kgaolwa
Ho ya tlase:
